Ditlwaelo
Ana ditlwaelo ke eng?
Ditlwaelo ke diketso tseo setjhaba sa Basotho se di etsang ho latela maemo le dinako. Ditlwaelo ke diketsahalo tse bileng teng hara setjhaba, tseo di qeteletseng di amohetswe e le karolo ya bophelo ba setjhaba ka kakaretso.
Ka hoo ha re bua ka ditlwaelo re bua ka dintho tse tla dulang di fetoha ho latela maemo le dinako.
Moloko ka mong o tla eba le ditlwaelo tsa ona, hoba ditlwaelo ke tsela ya bophelo.
Ditlwaelo tsa mehleng tsa Basotho ke tsena:
- Letsema
- Letsholo
- Nako
- Tlhompho
- Masimo
- Ho Disa
- Kahisano
- Bofuma
- Sewa
- Mokete
- Boloi
- Pheko
- Meraka
- Motebo
- Mafisa
- Thakaneng