Kgotso, Pula, Nala!

 

Helehelele maapara kobo a matle, bana ba thari ya tshepe!

Jwale ke nako. Ke nako ya ho ntshetsa pele Sesotho le Bosotho. Ho tswelellisa pele Mosotho le Bosotho ba hae. Ho kgaba ka makgabane a Sesotho. Ho ikgantsha le hona le ho ikgohomosa ka Bosotho.

Mona re thahasella nalane ya Mosotho. O tla itholla masokotso a ho thella ha puo ya Sesotho. Bokgeleke le boqitolo ba Mosotho le Sesotho.

Ha e ba o Mosotho, kapa o motho ya thahasellang Sesotho, o amohetswe!

Welewelele!!!

 

Re mekgolotjhane, ha re etsa welewelele re ya rapela. Sila kwae re yo tsuba thabeng, re yo tswala mosweu a lehaha. Modimo a ko re utlwe re ya rapela.

Nalane ke eng?

12 Phato 2011Ngotswe ke Motho

 

Nalane ke lentswe le tswang ho kutu "nala", le bolelang kgora kapa katiso. Nalane ke letlotlo le fuperweng ke tsela ya ho phela ya setjhaba. Letlotlo lena le kenyelletsa dintho tse kang puo, mahlale, moetlo, ditlwaelo le dintho tsohle tse tholahalang hara setjhaba.

Tsena tsohle ke tse fumanehang mona ho Nalane, eo ke e qapileng ho ba lehae la tsebo le mahlale a Sesotho.

Empa e re ka ha ke moo ke se ke le mongodi, kwano ke phatlalatsa kaletsa ya ditaba feela; mme mathemalodi ona a tholahala ka hare ho dingolwa tseo ke di phatlalatsang. Dingolwa tsa ka tsohle di ya tholahala hona mona ho Nalane, tlasa sehlooho Dingolwa.

Nto Zakuthi!

 

Kuni MaXhosa aseMaxhoseni, yibani nomonde ngoba kungona imibhalo yenu isezayo. Esi sisibonakaliso sokuthi isiXhosa naso sizakuchukuma kungekudala.