Nna, Motho

 

Nna ka lebitso ke Fezekile Futhwa. Ke mothethwa mora ntate Zenzile Futhwa le mme Mathulo Khitsane. Ka seboko ke Mkwayi, Tshawe, Khawuta.

Jwale Mkwayi o kena kae tabeng tsa Basotho?

Ke tswalwa ke moradi wa Bataung ba ha Thulo, mme ke holetse hara Basotho mane Qwaqwa motseng wa Bolata. Sena se bolela hore ke antse Sesotho letsweleng. Ka hoo, ke tseba Sesotho ho feta sehaeso e leng seXhosa. Ke qetelletse ke badile Sesotho mophatong wa sekolo ke hona.

Ke thahasella puo, moetlo, mahlale le tsebo ya Rantsho; mme ke ngola haholo ka tsona. Ke tshepo ya ka hore Basotho bohle ba tla thahasella Sesotho sa bona mme ba se ntshetse pele.

Ka hoo, nalane.org.za ke lehae la nalane ya Basotho ha mmoho le MaXhosa.

Ka mosebetsi teng ke software developer, e leng yona ntho e mphang kgahleho tabeng tsa mahlale. Ke takatso ya ka ho bona maleme a Rantsho a tholahala ha bobebe ho marangrang a inthanete. Sena se tla etsahala ha feela setjhaba sa Rantsho se eme ka maoto ho ntshetsa pele puo tsa bona.

Ka bokgutshwanyane, ke seroki mme ke mmoloki wa nalane ya setjhaba sa heso.

Ha e be kgotso.

Lesedi.