Ditlwaelo - Nako
Hantlentle nako ke moelto hara Basotho hobane e tsamaellana le tumelo, feela ke e kentse tlasa sehlooho sena sa ditlwaelo.
Ntlha ya pele ka nako ho Basotho ke hore nako e ya hlomphuwa.
Ha ho na le kopano kapa lebaka le itseng, bohle ba lokela ho kgobokana ka nako e boletsweng ntle le tikatiko. Ya sa finyelleng ka nako o tla fumana morero o tswetse pele mohla a fihlang
Sa bobedi ke hore nako e ya hlomphuwa hobane e amahanngwa le letsatsi. Letsatsi ke karolo e kgolo ya tumelo ya baholo ba rona ba setjhaba sa Bahurutse, e leng moo Basotho ba tswalwang teng.
Ho ya ka Bahurutse, Letsatsi ke e mong wa Medimo e hlomphuwang ka ha le fana ka bophelo.
Ka hoo, Basothong letsatsi le ya ilwa. Ke ka hona mesebetsi ya Basotho e arotsweng ho ya ka mekgahlelo ya dinako, tsohle tse itshetlehileng ho maemo a letsatsi.
Mohlala:
- Meso ke nako ya ho tsoha hobane letsatsi ha le eso ho futhumale mme ke nako e lokileng ya ho sebetsa.
- Motsheare ke nako ya ho beha meja fatshe hobane letsatsi le haketse mme batho ba lokela ho phomola.