Ntswana tsatsi
Lebitla
Badimo
Dingaka
Thapelo
Lesaka
Leifo
Borena
Seotlwana


Bodumedi

Tumelo ya mosotho ho mmopi wa hae e batsi, mme e itshetlehile haholo hodima tlhompho le tlotla eo mosotho a e fang ya re okametseng. Majakane a re mosotho ha a na tumelo, o mpa a na le moetlo feela. Sena se a swabisa ka ha bophelo ba mosotho bo tletse tumelo le kganya ya Ramasedi. Mosotho o bitsa mmopi wa hae ka mabitso a fapaneng, ohle a pakang boholo le ho tlotleha ha mmopi. Mabitso a na ke:
  • Ramasedi
  • Lena lebitso le hlalosa hore ya re okametseng o fana ka lesedi. E leng hore ke yena ya re kgantshetsang ditsela.
  • Mmopi
  • Lena lebitso le hlalosa hore ya re okametseng ke yena mmopi wa tsohle tse lefatsheng.
  • Modimo
  • Modimo e hlalosa ya hodimo. Bohodimo bo hlalosa hore eo o re phahametse. Modimo e ka hlalosa tse lateleng:
    • Ramasedi
    • Bala tlhaloso serapaneng se eteletseng sena pele bakeng sa tlhaloso.
    • Bongwe ba Badimo
    • Badimo ke batho ba ileng boya batho, mme bao ka bona re fetisang mesarelo, ditsietsi le diteboho tsa rona ho Ramasedi. Bongwe ba badimo bo bitswa Modimo, e leng ho hlalosang motho ka mong ya arohetseng badimong.
    • Motho
    • Sebupuwa se motho se ntseng se phela se bitswa modimo ho latela bomodimo ba sona. Mme sena se qaqile haholo tatellanong ya lelapa, e leng yona tshiya ya setjhaba. Ntate le Mme, batswadi, mmoho ke medimo ya bana. Bongwe bona ba medimo ke modimo.
    • Medimo
    • E re ka ha motswadi ka mong e le modimo wa ngwana, batswadi le baholo ba hae ba ntseng ba phela ba bitswa medimo ka kopanelo. Ke ka hona ngwana mosotho a tlotlang le ho hlompha batswadi le baholo ba hae ka mehla.

E re ka ha tumelo ya mosotho e phelwa ho fetwa ho bolediswa, mosotho ha a ka a bona bohlokwa ba ho bapatsa tumelo ya hae. Tumelo e na ya mosotho e tsejwa ka hore ke Setho.

Setho ke tumelo ya mosotho ho mmopi wa hae. Motho ke sebupuwa sa mmopi se phethahatsang setho. Athe botho bona ke dikateng tsa bophelo ba mosotho tse fupereng boitshwaro, tlhompho le dikamano pakeng tsa batho. Batho ke bongata ba motho.

Medingwana
Nalaneng yohle ya bophelo ba mosotho, mosotho ha e sale a dumela tumelong ya hae ya setho, mme sesothong ha ho a ka ha tloha ho bile le bohlokwa ba ho tshwaya batho ba itseng e se badumedi ka ha setho ke karolo e kgolo ya bophelo ba mosotho. Sena se bolela hore, pele hore ho fihle makgowa le tumelo ya ona, basotho bohle ba ne ba ikamahanya le setho.

Bothata bo hlahile ho fihleng ha makgowa, ka ha ba kgeselletse fatshe sohle se amanang le bophelo ba mosotho. Ke mona moo mabitso le dipolelo tse nyenyefatsang di qadileng ho ba teng mabapi le tumelo tsa batho. Ho latela tumelo le moetlo wa makgowa, mang kapa mang ya sa dumeleng ho latela bodumedi ba bona o bitswa mohetene. Mme lena ke lentswe le hlapaolang hobane le hlalosa ya sa tsebeng modimo.

Ho latela ditlwaelo le maphelo a makgowa le tjhaba tse ding, ba na le mokgwa wa ho rapela ditshwantsho tsa mefuta futa. Ditshwantsho tsena tse rapelwang ke batho di bitswa medingwana. Ha ho tjhaba sa basotho se kileng sa ba le medingwana kapa hona ho rapela medingwana. Madingwana
Sehlooho sa madingwana ke mpile ka se kenya mona bakeng sa tlhakisetso feela ho latela ka moo lebitso lena le batlileng le tshwana le la medingwana ka teng. Madingwana ke badisa ba dulang motebong. Badisa ke badisi ba mehlape. Motebo ke sebaka se thoko le motse moo ho hlomuweng teng lesaka bakeng sa ho olosa mehlape ya basotho.

Motebo o hlongwa moo ho nang le makgulo a matle bakeng sa mehlape. Madingwana a tla motseng ho tla hlwela feela. Ba phela motebong ha feela e sa le badisa.

Tshwantshanyo
Mosotho, e re mona ke tle ke fane ka tlhakisetso e batsi mabapi le dipotso tse ka hlahang ho latela ditlwaelo tsa tumelo tse ding:
  • Tlholeho:
  • Mosotho wa pele o bitohile lehlakeng mme mosotho eo o bitswa Mosito.
  • Sedimo:
  • Sedimo ke lenane tatello la modimo. Sedimo sa rona se eme tjena: Ramasedi, Badimo, Modimo ho phetele ka Medimo.
  • Kgwetsa:
  • Ngwana mosotho o rweswa kgwetsa ha a ntshuwa ntlung.
  • Sebe:
  • Dimpe tsa lefatshe di ahlolwa motho a sa phela mme kotlo ya tsona o shebana letsona lefatsheng. Sena se etsahala ka tsela tse fapaneng, empa e re bakeng sa tlhakisetso ena ke re motho o welwa ke bomadimabe kapa yona kotlo ya lefu. Ebile motho ya soto ha a tlutluwe le mohla a orohetseng badimong.
  • Thapelo:
  • Mosotho o etsa thapedi ka polelo tsa hae e seng ka seratswana qotso. Sena se hlalosa hore thapelo ya mosotho e polelong tsa hae.
  • Ntlo ya Thapelo:
  • Mosotho ha a na ntlo ya thapelo, ka ha thapelo ya mosotho e diketsong le dipolelong tsa hae.
  • Matsatsi a Thapelo:
  • Ha ho na matsatsi a kgethehileng a thapelo sesothong. Meetlo ya mosotho ke diketsahalo tse kgethehileng tseo ho tsona ho fanwang ka tlhompho ho modimo le badimo.
  • Bophelo ka Mora Lefu:
  • Basotho bohle ba orohela badimong mohla ba hlokahalang.
   
           
 Copyright 2008 Nalane ka Fezekile Futhwa
 All rights reserved.