|
Puso ya basotho e itshetlehile ho marena e le mokgwa wa tsamaiso ya setjhaba. Marena a
basotho a ya tswalwa, mme mohlodi o na wa borena o bolokwa o hlwekile ka nako tsohle. Basotho
ba boulella borena bo hlwekileng, mme ba etsa ka hohle ho bo boloka.
Ka tlwaelo, ngwana e motona wa letsibolo ke yena ya tlang ho nka puso ho ntatae. E bang a
sa le monyane dilemong, mme wa hae kapa bomalome ba motshwarela borena ho fihlela a hodile mme
a loketse ho busa. Lebaka la hore ngwana ngwanana a se nke setulo sa ntatae ke hobane ho lebelletswe
hore o tla nyalwa mme a ilo theha motse wa bohading.
Tshita eo basotho ba shebaneng le yona ha jwale ke hore na borena bo kenyelletswa jwang pusong
ya matswantle. Ka molao, marena a ne a loketse ho ba karolo e kgolo ya puso, empa kgethollo
e ile ya bakgesa mme ba qhelelwa ka thoko.
Marena ke basireletsi ba ditlwaelo le meetlo ya basotho. Ba bapala karolo e kgolo
ntshetsopeleng ya maphelo a bana ba basotho.
Na re etsang ka marena a hlobohaneng le moetlo? Sena se re fa bothata ka ha mosebetsi wa bona
o fofotsa. Morena ya sa dumeleng moetlong wa setjhaba sa hae ha se morena. A ka boloka le ho
sireletsa nalane ya basotho jwang ha yena e le lejakane? Nnete ke hore marena a mangata kwano
naheng a se a fofotsa feela tabeng tsa moetlo.
Ke tshepa hore re tla ba le hona ho bua ka taba ena ha nako e tsamaya ka ha e le bohlokwa
mme e thunthetsa bokamoso ba ngwana mosotho.
|