|
Bophelo ba mosotho bo kenyeleditse ka hare ditlwaelo, moetlo le tumelo. Sena se bolela hore mosotho
ha a na mola o arolang tumelo ho dintho tse ding. Tumelo ya hae ke karolo ya bophelo ba matsatsi
ka mehla.
Ke hona lebakeng lena thapelo ya sesotho e sebediswang diketsahalong tse itseng feela, ka ha
thapelo ho mosotho e phethahatswa hohle. Dipolelo tsa matsatsi ohle tse kang "ka modimo",
"modimo wee!", "jo nna wee!", "hle" le "ke ya leboha"di fupere thapedi ka hare ho tsona.
Mosotho o bile o etsa thapedi ka dintho tse tshwanang le dithoko, dipina le mokorotlo.
Thoko e tummeng basothong ke ena:
Lesokwana
Re mekgolotjhane
Ha re etsa welewelele
Sila kwae re yo tsuba thabeng
Re yo tswala mosweu a lehaha.
Ntili o bitswa Lebabalasi.
Ho thwe a yo thusa dikgarejana
Ntswaketsane a ntola Ntili
Nka ikgohla ka Ntili ka kuka
Modimo ako re utlwe re a rapela
Mmakane! ho ilwe kae?
Ho sa keng ho kgutlwa re tla bonwa?
Bonkgono ba llela matlala
Kapa ba a bona jwang ba shwele?
Ba a bona ka paka tsa mabitla
Beng ba dikgomo ba ntse ba lela
Ba re tsa bona di a tswalla neng tsona
Di tswala, di ata, di ntshetsa marole pele.
Ka lala le ngwana seho, ka hatsela
Ngwana seho ha a na molongwana
Ke re ka bua le yena, ha a bue!
Feta o phokole, nna ke kgathetse.
Hlabang tse tshweu, le nee medimo
Le tle le bone ha medimo e thaba
Ha medimo e thabela dikgarebe
Ntili wa lona basadi ke ofe?
Ntili o a bitswa, o a llelwa
Ngwana seho o letse a mpadisa meloko
Meloko ya habo ke e tseba kang?
Ke tseba ya heso, le eso moholo.
Ntili o a bitswa le Makhoakhoeng
Le Makhoakhoeng di teng dikgarejana
Ha re etsa welewelele,
Modimo ako re utlwe, re a rapela.
Ke e qotsitse bukeng Mmane 3 mme e ngotswe ke A. Sekese
|