|
Basotho ke batho ba ikgatshang, mme ba motlotlo ka mefuta ya dijo tseo ba dijang.
Dijo tsa sesotho ke dijo tse nang le phepo mme motho o lokela ho ba le mmele o hakotseng hore a tle a
shebahale. Sejo sa bona se seholo ke meroho e kang dinawa, moroho, mokopu, dihwete le ditapole. Phoofo ya poone, koro
le mabele di tsamaya pele bakeng sa sejo seo ho jellwang ka sona.
Dino le tsona ke tse nang le phepo. Hantle ntle ha ho sejo sa sesotho se jellwang monate ntle le hore se na le
phepo.
Tahi ke seno sa batho ba hodileng, banna le basadi ba malapa a bona. Nka lebala jwang bo tedu putswa ka ho
rata letsina!
Mosadi wa mosotho o tlotlwa ka bokgabane ba hae pitseng le ka moo a hlokomelang lelapa la hae ka teng. Ke ka
hona sesotho se reng tsela e yang pelong ya monna e feta mohodung. Banna ba basotho ba ithatela dijo hleng! O
ka ba bona ka mpa tse setlalletseng hore motho o be a jele sa mpana phatloha. Ha motho wa teng a kgotshe e ba
o kgotsofetse. O reng ka mokhaba oo e bekang motho o ithetswe!
Behang dipelo sekotlolong, re tla fana ka mahlale a ho pheha dijo tsena tse hlabosehang ha nako e tsamaya.
|