|
E re ka ha leruo e le karolo e kgolo ya bophelo ba Mosotho, tlhokomelo le kgodiso ya diphoofolo
e bohlokwa. Diphoofolo di diswa ke bashanyana.
Basotho ba dumela hore lelapa ka leng le lokela ho ba le lesaka, e leng moo mohlape o kwallwang
teng. Lesaka le boela le sebediswa bakeng sa ho hlabela diphoofolo.
Ha mohlape o se o atile mme o sa anele lesakeng, Basotho ba na le sebaka tseo ba se bitsang
motebo, e leng moo mohlape o dulang teng tlasa bodisa ba badisa. Motebo o ba hole le motse e le
hore ho be le makgulo a anetseng.
Mohlape o bulelwa ka madungwadungwana ho ya fula. Hara motsheare badisa ba bapala dipapadi
tse kang ho kalla le ho tsoma. Mantsiboya e ba mohlope o kgutlisetswa makgalong bakeng sa ho
hangwa ha diphoofolo tse kang makgomo le dipodi.
|