Letsema
Letsholo
Nako
Tlhompho
Masimo
Ho disa
Kahisano
Bofuma
Sewa
Mokete
Boloi
Dipapadi


O mona: Ditlwaelo > Nako

Nako

Basotho ha ba sebedise nako ya majakane e nang le dihora tsa letsheare tse lekanang le tsa bosiu.

Dinako tsa Sesotho di arotswe ka tsela e latelang:

  • Meso
  • Meso ke ka madungwadungwana ka ho lla ha kgoho tsa pele. Ke ha bosiu bo wela fatshe pele tsatsi le tjhaba. Sena se hlalosa kganya ya pele e lelekang lefifi la bosiu. Ngwana Mosotho o raha dikobo ka meso ho qala letsatsi.
  • Hoseng
  • Hoseng ke nako e hlahlamang meso, e leng ho tloha letsatsi le tjhabile hofihlela motsheare.
  • Letsheare
  • Letsheare ke ha letsatsi le rapalletse le eme dihlohong tsa mengala. Ke nako eo seriti sa motho sukgutsufalang ho fihlela se ba tlasa maoto.
  • Thapama
  • Thapama ke ha motjheso wa letsatsi o fihla sehlohlolong mme le batimana.
  • Mantsiboya
  • Mantsiboya ke ha letsatsi le rapama mme le itokisetsa ho sunya nko fatshe. Ke ha letsatsi le hlahlamanya dithaba le se le tla dikela.
  • Bosiu
  • Bosiu ke shwalane ha tsatsi le qeta ho dikela mme ho tsholwa masutsa a mantsiboya.
  • Kgitla
  • Kgitla ke ha masiu a rwalellana mme batho ba isa masapo ho beng. Ke nako eo ka yona baloi le dithotsela ba tshetshemang ka yona.

   
           
 Copyright 2008 Nalane ka Fezekile Futhwa
 All rights reserved.