|
E re ka ha basotho e le batho ba itlhomphang, mabitso ohle a sesotho a na le moelelo. Ho tloha mabitsong a batho
ho isa ho a diphoofolo le dibaka.
Mosotho o rehella tlasa lebaka le itseng, mme lebitso ka leng le hlalosa ho hong ke hona.
Batho ba reuwa ho latela diketsahalo tse itseng tse phethahetseng tswalong ya bona kapa e ba ba rehellwa ka
baholo ba bona. Ho rehella hona ke hona ho tswalang lefutso baneng ba basotho ka ha batho ba rehelletsweng ba
atisa ho tshwana le bao ba rehelletsweng ka bona ka diketso.
Sesotho se re bitso lebe ke seromo, e leng ho belelang hore ho reha ngwana lebitso le ronang ke ho mo
swetsa ka ha a ka feela a tshwana le lona.
Basotho ba ikotla sefuba ka mabitso a bona, mme ba motlotlo ka ona. Diphoofolo tsohle di na le mabitso ao di
reneketswang ka ona. Dinoka, dithaba le dibaka le tsona di reuwe mabitso a tlisang tlotla ho basotho.
|