|
Lebollo ke moetlo moo teng motho a rutwang boikarabelo mme a lokisetswa bophelo ba setho
seholo.
Ka kakaretso, ke bahlankana ba bolotswang merabeng e mengata ya basotho. Ho teng meloko
ya basotho e bolotsang bana ba barwetsana.
Motho o qeta nako e pakeng tsa kgwedi le kgwedi tse tsheletseng a le mophatong. Ha ngwana a
titimetse kapa a bolotse ka thero, o isetswa mokgahla, poone le mabele.
Mohla mophatho o tjhang, e ba makolwane le ditswejane di kgutlela motseng ho ya phela
hara bona. Nakong eo ba bolotseng ka yona, ha na kopano ho hang le batho ba ka ntle, ntle le
ba etang ho tla ba hlola. Ke batho ba bolotseng feela ba ka hlolang makolwane le ditswejane.
Mophathong wa makolwane ho kena banna feela, mme le ho wa ditswejane ho kena bomme ba bolotseng
feela.
Bahlankana ba tswang mophatong ba bitswa makolwane athe barwetsana bona ba bitswa
ditswejane. Motho e motona ya sa bollang o bitswa leqai athe e motshehadi yena o bitswa
lethisa.
Makolwane le ditswejane ba qeta nako ya matsatsi a mmalwa ba le letsoku mme ba keteka le setjhaba, ba ithoka mme ho hobelwa. Ka mora mona
ba tsohella nokeng ka matjeke/meso ho ya hlapa letsoku mme ba feleheditswe ke basuwe le baholo ba malapa a bona.
Ha motho a se a bolotse e ba o se a le boemong boo a ka nyalang kapa a nyalwa. Empa ha se
ditjhaba tsohle tsa basotho tse bolotsang. Ho teng merabe eo teng bana ba sa bolotsweng.
Tlhokomediso
Ke kopa hore le elellwe hore tlhakisetso ena empa e le tataiso ka kakaretso mabapi le moetlo ona. Mona ha ho tlhaloso ya tsamaiso kapa dikateng tsa lebollo, ka ha sena se tsejwa ke beng. Sena ke seo re se bitsang pinyane ka Sesotho.
|