| Selotho |
Tlhaloso |
| Masimo a mothating |
Dintshi |
| Majwe mabedi mabetsa hole |
Mahlo |
| Phutse le hara thota |
Mokgubu |
| Kgomo ya bohadi ba mme e selota mpeng |
Tshilo hodima lelwala. |
| Monna eo e reng ha a bua e be bana ba ya baleha |
Sethunya |
| Lehlanya le bina meutlweng |
Selepe |
| Seya nokeng se omana, se be se kgutle se omana |
Sekgelello |
| Dipodi tsa Makeleketla di fula di paqame |
Sekele |
| Mosadi ya dinyao mpeng |
Sesiu |
| Ha o le Morwa tjee, metsi o a nka kae? |
Lehapu |
| Baloi ba bina ka lehaheng |
Dikgobe, ha di bela ka pitseng. |
| Thankga thankga, ke a tswalla kae? |
Mokopu ha o ntse o nama. |
| Ka ja mokotla, ke tsholla phofo |
Mohodu |
| Kgomo ya bohadi ba mmao |
Nta |
| Banna ba sa beheng melamu fatshe |
Dintja |
| Ka tinketsa ka tinketsa, ka makala hore modimo wa Roma o kene kae |
Tshupa, ka sesiung. |
| Shweshwe tsa mohlaka o moholo |
Dinaledi |
| Mala a nku marang-rang |
Mohlwa |
| Monna eo e reng ha a kgotshe a rwalle |
Noka |
| Phate di a lekana |
Lehodimo le lefatshe. |