Marena
Bahale
Diboko
Selemo
Matsatsi
Dikapolelo
Maele
Dilotho
Dipalo
Matshwao
Dibuka
Ditshomo
Dithoko
Bangodi



O mona: Tlotlontswe > Dithoko

Dithoko

Basotho ba batle, mona ke tla fana ka dithoko tsa makolwane ha jwale. Ke tla boela ke fane ka dithoko tse ding ha nako e dumela.

Tsirrr Tsepa!
Tsirrr Tsepa!
Ke le kopokopo ke ya kobosela,
Ke metsi a foro ke ya lelemela,
Ke mabele ke hloka mothonaki.

Kebisi
Helehelele banna, thusang,
Ke fumane mme, ka Modimo, a lema,
A lahla mohoma a opa diatla.
A re Tshwenyane ngwanake o hlaha kae?
O hlaha ka mmotoro Sefikeng,
Ke hopotse mmotoro Sefikeng.
Sekgutlong mola ho hotsho keng?
Ho hotsho ke madi a Bathepu,
Moo ho neng ho kalla Kebisi teng.
A bile a ntse a tea ka lepheo lephakong.
Kebisi, Rasenyepa, Rakgwadipana,
Kebisi Rasenyepa se dutseng mahetleng,
Katiba ya nthwena e a kebikebisa,
E keba e sikola tshwene lekopo.
Ya kgaola ya ya!


Lerotha
Ho itswe re ithehe mabitso,
Nna la ka ke se ke ithehile,
Ke nna Lerotha.
Lerotha ke motjha wa mohlankana,
Wa bo Ntebaleng le Pulane.
Ha di etela monyako,
Ra leba tlase ra baka mehlolo,
Bana ba bafutsana ha se ho shwelwa,
Bana ba tadi ba bitsana ka molodi.
Ke Motlokwa wa ha Mmanthatisi,
Motho wa Seala se kgaohile, Motonosi,
Ha se a kgaoha se ile le lehohoba.
Mohla ho hlajuweng kgomo ka la maobane,
Ba re tonosa, re tla tonosa jwang,
Rona re le ba ha mang, banna?
Motseng ha morena Sephula,
Ho kile ha na e mpe pula,
Tsolo la nna la thwathwaretsa,
Mmane la o hlatsa kgafetsa.
Ha phutheha bo reatseba,
Morena a tloha a seba,
Ha ke na tsa nnete dingaka.
Ke ahile Moreneng ha Kakudi,
Ha ke tswa ka Tshwane la Kgwane Moreneng.
Kgelekgelele lona banna ting!
Lona ba ha Tlhanakana hlwang letsatsa,
Ha le fihla ka dikoting le tle le buwe,
Le buwe le marena a maholo boPhoofolo.
Tlamatlama Ramalalla,
Qhowaneng bana ba metsaneng,
Bana ba metsaneng ba ne ba fihlile ka la maobane.
Ha ke fihla ha jewa ke ba ha tadi,
Bana ba bakgutshwane ba bolawa,
Ha sala bana ba balelele feela.
Kgelekgelele, ya leba tlase nonyana.
Kgelekgelele, banna ba moreneng,
Ntshutheleng ke fete ke a tsamaya,
Ha ke tloha mona, ke ya le mona,
Ke lata kgama sa ka ha Makgaola.
Ha ke late sekgama ke lata motho,
Ke ratile ngwane motle ditjhabeng.
Phatsima, hlooho e ka ke dinaledi,
Nko e ka nalete ya motjhini,
Meno e ka pane sa dikomiki.
Ke timeletswe ke lebitso le fane,
Ke tla kgutla hape ke di hopole.
Ha o le mafube, nna ke selemela,
Ha o le tjhakatsa, ke a kgephotsa.
Bolebadi bo tshwana le ke hakuwe,
Mokgathala o tshwana le ho tsofala.
Kgelekgelele, kgele banna!
Tsirrr Tsepa!
Ya kgaola ya ya!

   
           
 Copyright 2008 Nalane ka Fezekile Futhwa
 All rights reserved.