Lenaka la Motheo

 

Na motho o tswa kae?

Pele re araba potso ya hore na motho o tswa kae, ha re qale pele ka ho hlakisa taba ena, na Mosotho ke mang? Mosotho ke ngwana Rantsho ya buang puo ya Sesotho, mme a dumela ho mekgwa le meetlo ya Basotho. Na Rantsho yena ke mang? Rantsho ke bana ba thari e ntsho, ba lebala le sootho, mme bao e leng MaAforika ka tswalo.

Ditjhaba tsohle tsa Rantsho di na le nalane ya hore na di etswa kae, le ha kwana Rantsho e le ntata ditjhaba tsohle tse sootho ka mmala. Rantsho ke ntata ditjhaba tsohle lefatsheng mme o tswaletswe Leboya-Botjhabela ba Aforika, teng moo phoofolo e motho e tswalwang teng.

Metsamao ya ditjhaba tsa Rantsho ho tla kwano Aforika e Borwa e eme tjena:


 

 

Ho latela dipale le ditshomo tsa Basotho, Mosotho wa pele o bitohile lehlakeng Ntswana-Tsatsi.

Na Ntswana-Tsatsi ke eng?

Ntswana-Tsatsi ke sebaka seo ho sona setjhaba se tsejwang kajeno e le sa Basotho se tswetsweng teng. Mosotho wa pele wa ho bitoha Ntswana-Tsatsi ke Masilo I. Masilo I ke yena ntata setjhaba sa Basotho.

Masilo I ke mora Mabi wa sejthaba sa Bahurutse mme o tswetswe ngwaheng kgolo wa bo 1390. Bahurutse ke setjhaba sa boholo se theohileng hodimo ba Aforika mme ba tla hloma naheng e tsejwang kajeno lena e le Botswana. Ho fihlela nakong ena, puo ya Sesotho e ne e le siko mme le setjhaba sa Basotho se eso ho be teng.

Hona nakong eo, ke ha setjhaba sa Bafokeng le sona se fihla Ntswana-Tsatsi ho tloha hona teng leboya la Aforika mme ba hloma hona teng Ntswana-Tsatsi. Hantlentle, ke setjhaba sa Bofokeng se fihlileng pele Ntswana-Tsatsi, sa nto latelwa ke Bakwena. Ho fihleng ha Bafokeng Ntswana-Tsatsi, puo ya Sesotho e ne e so ka e ba teng. Bohle ba ne bua Serolong, mme Sesotho se hlahile ha morao hoba bohle ba hlome Ntswana-Tsatsi.

Ntle ho Bafokeng, ditjhaba tsohle tsa Basotho di tswetswe ke Masilo I ka bara ba bararo e leng Mohurutse, Kwena le Mokgatla. Mohurutse o ile a tswala setjhaba sa Bataung, hara tse ding. Kwena a tswala Bakwena, Batshweneng, Bahlakwana le Makgwakgwa. Mokgatla yena a tswala Bakgatla, Bapedi, Makgolokwe, Baphuthing, Batlokwa le Basia.

Ka bokgutshwenyane, tswalo ya setjhaba sa Basotho ke ena:


 

 

Ke ka hona ho thweng Mosotho o bitohile lehlakeng Ntswana-Tsatsi, hobane Ntswana-Tsatsi ke teng moo Basotho ba tswetsweng teng. Ho tloha mona Basotho ba ile ba phatlalla le naha ho ya ka diboko ho fapana. Ho phatlalleng hona ke teng moo ho hlahileng diqapodiso tse ding tsa Sesotho tse tshwanang le Sekgolokwe ha mmoho le Setlokwa; hobane tsena tsohle di ahlametswe ke ya SeZulu haholoholo.

Ntlha e nngwe eo re lokelang ho e ela hloko ke ya hore lentswe lena Mosotho le bile teng morao tjena ha morena Moshoeshoe I a bokella bohle tlasa puso ya hae mehleng ya difaqane. Sena e bile dilemong tsa bo 1820, pele ho mona, Basotho bohle ba ne ba tsejwa ka diboko tsa bona.

Na lentswe Mosotho le tswa kae?

Ha re qale ka ho hlakisa hore ditjhaba tsohle di ne tsejwa ka diboko tsa tsona pele di fihla Ntswana-Tsatsi. Ditjaba tsohle tse tswetsweng Ntswana-Tsatsi di ile tsa ipitsa Basootho, ke hore, ba lebala le sootho; mme puo ya bona ya tsejwa ka hore ke Sesootho.

Basootho ba qetelletse ba tsejwa ka hore ke Basotho ho latela qapodiso e fosahetseng ya ho ngolwa ha Sesootho ke maburu a baruti mane Morija Lesotho. Ho latela tsebo ya bona e fokolang ya Sesootho, ba qetelletse ba fosa boholo ba mantswe a Sesootho. Ka hoo, Sesootho se ile sa ngolwa e le Sesotho; athe Mosootho yona ya ngolwa e le Mosotho. Mokgwa ohle wa ho ngola Sesootho o thehilwe ke baruti mme ke ona oo o sa ntseng o sebediswa kajeno lena!

Ka hoo, Ntswana-Tsatsi ke motso wa Mosotho le Sesotho hobane ke Bafokeng ba Mmutla feela ba sa tswalweng Ntswana-Tsatsi. Motso wa Bafokeng o eme tjena:


 

 

Makala ohle a Bafokeng a tswalwa ke Phogole II mora Mmutle, mme sena sohle se etsahala ba se ba le naheng e tsejwang ka hore ke Botswana kajeno.

Hobaneng ho thwe Masilo o bitohile lehlakeng?

Taba ya pele ke hore Ntswatsi-Tsatsi e botjhabela ba naha, nqalong e tsejwang kajeno lena e le Cornelius. Sebaka sena se botjhaba tsatsi hobane ho latela nalane ya naha ya Basotho pele ha ho nkuwa ha lefatshe la rona ke maburu, Ntswana-Tsatsi e ne e le moedi pakeng tsa Basotho, Maswati le MaZulu. Ka hoo, ha ho ne ho buuwa ka botjhabela ba naha, ho ne ho buuwa ka Ntswana-Tsatsi. Sa bobedi ke hore lehlaka le amahanngwa le ho hloka sekodi, ke hore tlholeho kapa bohlweki. Ke ka hona Basotho ba hlomang lehlaka ntlong ya motswetse ha lesea le hlahile. Sa ho qetela ke hore lehlaka le tholahala nokeng, ka hoo le amahanngwa le metsi e leng mohlodi wa bophelo.

Ke ka hona botjhaba tsatsi e leng sebaka se kgethehileng ho Basotho hobane ke qalehong ya bophelo.

Ho thwe Masilo o bitohile lehlakeng hobane Ntswana-Tsatsi ke qaleho ya bophelo ba Mosotho. Ke ka hona diboko tsohle tsa Basotho di qala ho Masilo jwalo ka ntata setjhaba sa Basotho.

Ka hoo, dintho tse latelang di ya hlomphuwa ka Sesotho:

Ntlha tharo ya Setho
Dintho tse hlomphuwang Sesothong
ntlha tharo.png (11.34KB)
Ntlha tharo ya Setho
Dintho tse hlomphuwang Sesothong
ntlha tharo.png
(11.34KB)


 

 

  • Botjhabela
  • Botjhabela bo lopa letsatsi, e leng ho fanang ka lesedi le kganya. Ke ka hoo tumediso le thapelo ya Mosotho di reng “lesedi, kganya”.

    Sena ke ho tlotla tlholeho ya Mosotho, ha mmoho le tumelo ya hore letsatsi le tla dula le fana ka kganya le mahlasedi a lona ho Basotho ka mehla.

    Ha Mosotho a re “lesedi, kganya”, o bile o tlotla Mmopi wa hae.
  • Lehlaka
  • Lehlaka ke letshwao la bohlweki, ke hore la ho hloka sekodi. Ka hoo tswalo ya Mosotho e amahanngwa le lehlaka.



    Lehlaka le boetse ke molomo o pakeng tsa lefatshe la ba utlwang le badimo.
  • Noka
  • Noka ke mofani wa bophelo ka ha metsi a fana ka bophelo.



    Ho feta mona, noka ke sebaka seo ho sona ho tholwang dihahabi, mme sehahabi se noha se bapiswa le semaka ka ha badimo ba atisa ho itlhahisa ho batho ka sebopeho sa noha. Noha e bile ke yona e fehlellang dingaka bonkgenkge ha motho a ka thwasetsa nokeng. Ka hoo, ho na le tumelo ya hore ba fatshe ba tholahala dinokeng.

 

Ho phethela ditaba tsa tlholeho ya Mosotho, ke ho tloha Ntswana-Tsatsi moo teng Basotho ka ho fapana ba ileng ba tlala le naha ka tjako. E itse ha setjhaba se ntse se hola, yaba ho hlokeha makgulo, ka hoo batho ba qalella ho hloma ba hlomolle. Ke tsela eo setjhaba sa Basotho se atileng ka teng naheng eo re e bitsang ka hore ke ya Basotho. Ho fihleng ha bona dibakeng tse mmalwa, Basotho ba ile ba fumana setjhaba sa Barwa, mme bobedi ba aha setswalle le ho phedisana ka kgotso.

Puo ya Sesotho e wela tlasa lekala la dipuo tse bitswang dipuo tsa Batho(Bantu), e leng lekala le tsebahalang haholo ka thwe ke SeNguni. Tsena tsohle tsona di wela tlasa mokgahlelo oo ho thweng ke Niger-Congo. Congo ena he ke sona sebaka seo Bahurutse ba tswalwang teng, le ha mehleng eo e ne e tsebahala ka lebitso la Katanga.

Setshwantsho sa dipuo tsa Rantsho se eme tjena:

Dipuo tsa Rantso
Bona setshwantsho sa dipuo tsa Rantsho
330px-African_language_families_en.svg.png (46.78KB)
Dipuo tsa Rantso
Bona setshwantsho sa dipuo tsa Rantsho
330px-African_language_families_en.svg.png
(46.78KB)


 

Dipuo tse fumanwang lehlakoreng leo la naha ya Rantsho di qhoqhollotswe tjena:


 

Dipuo tsa Rantsho tse fumanehang moo Basotho ba tswalwang teng
Boha setshwantsho sa dipuo tsa Rantsho tse fumanehang moo Basotho ba tswalwang teng.
657px-Nigeria_Benin_Cameroon_languages.png (227.58KB)
Dipuo tsa Rantsho tse fumanehang moo Basotho ba tswalwang teng
Boha setshwantsho sa dipuo tsa Rantsho tse fumanehang moo Basotho ba tswalwang teng.
657px-Nigeria_Benin_Cameroon_languages.png
(227.58KB)

Hlokomela hore lekala la Batho(Bantu) le tholahala kae setshwantshong sena. Ke teng moo Basotho bohle re tswang teng.

 

 

 

 

 

 

   Nalane ya Mosotho

tsebo ke lefa le sa boleng.