Tlotlontswe

 

Ana ke mabalankwe a letlotlo le fuperweng ke tlotlontswe ya Sesotho. Tlotlontswe ya Sesotho e tebile e bile e batsi, mme sena se bolela hore ho tla nkuka nako pele Nalane e phatlalatsa tlotlontswe e phethahetseng ya Sesotho.

Empa mona ke badisa ka tlotlontswe ka kakaretso, ke qoholla dintlha tse ka sehloohong tseo ke dumelang hore di bohlokwa maphelong a Basotho.

Dihlooho tseo ke tla tsepamisang maikutlo ho tsona mona ke:

  • Diboko tsa Basotho
  • Tlhakisetso tsa diboko, motso wa Basotho, marena ha mmoho le dithoko tsa diboko.
  • Dinaledi
  • Lenane la dinaledi tsa Sesotho, moelelo wa tsona le hore na tholahala neng selemong.
  • Dinako tsa Selemo
  • Lenane la dinako tsa selemo.
  • Maemo a Lehodimo
  • Tlhakisetso ka maemo ohle a lehodimo a tholahalang hara Basotho.
  • Nako
  • Qapodiso ya mekgahlelo yohle ya dinako hara Basotho.
  • Dipapadi
  • Mefuta yohle ya dipapadi tse tholahalang hara Basotho.