Dinaledi
Dinaledi tsa lehodimo ke karolo e kgolo ya tumelo ya Mosotho mme di bapala tema e kgolo dinthong tse ngata bophelong ba Basotho. Mona ke fana ka tlhakisetso ya dinaledi le hore na moelelo wa tsona ke ofe.
- Selomela Ke kopa thuso ka tlhakisetso ya naledi Selomela. Ka kopo ntsebise hore na Selomela ke eng.
- Mohora le Tlala Mohora ke lentswe le hlalosang kgora, tlala e hlalosa bofuma. Ponahalo ya naledi ena e loba hore na selemo se thwasitseng e tla ba sa kgora kapa tlala.
- Dinakane Dinakane e tsebahala hape ka mabitso a Naka le Dinaka.
- Senakane Senakane ke naledi e shebahalang jwalo ka lenaka le lenyenyane. Le le nyenyane hobane lenaka le leholo dinaleding ke Dinakane.
- Phalafala Phalafala ke lehlaloso-nngwe la Dinakane? Ke batla ke sa dumele empa ke lesedi leo ke nang le lona ha jwale.
- Molalatladi Molalatladi e hlalosa molala wa tladi. Tladi ke letsolo
- Sefalabohoho Sefalabohoho ke naledi ya pele ka phirimana.
- Makolobe Makolobe ke dinaledi tse tsheletseng tse bonahalang e ka ke dintja le dikolobe. Ke dintja tse tharo le dikolobe tse tharo tse lelekiswang ke dintja.
- Tosa Tosa naledi e kganyang ka ho fetisisa lehodimong la bosiu, mme e na le tse e potapotileng. Ke ka lebaka la tsena tse e potapotileng ho nang le leele le reng: ke tla o bontsha tosa le madinyane a yona.
- Selemela Selemela ke naledi e bonwang di le sehlotshwana, di supile, mme e bonahala ha selemo se sa tswa thwasa mme ke yona e supang nako ya ho phethola lesoi.
- Mafube Mafube ke naledi e bonwang hoseng ha mafube a letsatsi a hlaha.
- Mphatlalatsane Mphatlalatsane ke naledi e bonwang ka meso mme e kganya haholo. Ke ka hona ho thwe ke Mphatlalatsane, ka ha e phatlaletse ka kganya ya teng.
- Motjhotjhonono Motjhotjhonono ke naledi e bonahalang bosiu mme bonwa e ka ke naledi e tsamayang ho tloha lehlakoreng le le leng ho ya ho le leng, eka e ya betswa.
E bang ho ka ba le moya nakong eo e hlahang ka yona, selemo seo e tla ba sa tlala.
E bonahala nakong ya selemo pele ho dipula tsa pele.E na naledi e lebelwang ke banna ba motse mohla e tla thwasa. Monna ya e bonang pele o letsa lenaka le bitswang Phalafala ho hlaba mokgosi wa hore Dinakane e bonahetse. Basotho ba dumela hore motho ya e bonang pele o tla ba le mahlohonolo selemong seo.
Dinakong tsa boholoholo, monna ya e boneng pele o ne a hlapiswa ka kgomo ke morena.Dinakane e bonahala dikgweding tsa bo Phupu le Phupjane mme e supa nako eo ka yona bashemane ba ka qalang ho bolotswa. Ke yona naledi e supang hore selemo se se se tla thwasa.
E bonahala ka Botjhabela mme e ya kganya. E bonahala ka lebenya.
E bonwa ka kgwedi ya Motsheanong mme e lopa qaleho ya mariha. E bang e ka hlaha e kganya tlolo, mariha ao a tla bata haholo.Molalatladi ke moo letsolo le tswang teng. Ho latela sebomodimo, Tladi ke modimo wa letsolo le lehadima.
E bitswa Sefalabohoho ho bapisa batho ba phirimellwang tseleng, ka ha ba fihla malapeng ho fahuwa mahoho, dijo di fedile.