Maemo a Lehodimo

 

Sesotho se namme ka tlhalosetso ya sona ya lehodimo ha mmoho le maemo a fapaneng a fumanwang teng. Ke na le bonnete ba hore ho teng tseo ke di lebetseng, empa lenane lena le batla le le batsi.

  1. Pula
    • Ditlwebelele
    • Ditlwebelele ke pula e nang ka sekgahla ntle le lehadima kapa dia duma.

    • Medupe
    • Medupe ke pula e nang ha bobebe ntle le ho thwathwaretsa kapa lehadima, mme e atisa ho nka matsatsi kapa ho feta ha e na.

    • Boja bo tsheha
    • Boja bo tsheha ke pula e nang letsatsi le tjhabile.

    • Dia duma
    • Di a duma ke pula e nang ka ho thwathwaretsa hwa letsolo.

    • Sefako
    • Sefako ke leqhwa le dipotokwe di boreledi tse nang le pula. Sefako e ka ba se senyenyane kapa se seholo seo ho thweng ke sa dinaka.

    • Letsheola
    • Letsheola ke pula e nang lehlwa.

    • Lehodiotswana
    • Setsokotsane se matla haholo se tsamaisanang le moya wa pula e ngata e hoholang dimela, meaho le ntho tse hoholehang.

    • Kiriatshwana
    • Morwallo
    • Boteng ba metsi a mangata haholo a bakwang ke pula tsa ditlwebelele le medupi.

    • Matlopotlopo
    • Pula e nang haholo e tlatsang dinoka, eo metsi a yona a phallang hohle.
  2. Lehadima
    • Lephakatladi
    • Lephakatladi ke sebaka se otlilweng ke lehadima.

    • Mmane
    • Mmane ke ho otla ha lehadima, ha le otla lefatshe.

    • Letolo
    • Modumo wa maru a pula o bakwang ke boemo ba lehodimo bo nang le diabenya le tladi

    • Letsolo
    • Modumo wa maru a pula o bakwang ke boemo ba lehodimo bo nang le diabenya le tladi.

    • Lehadima
    • Boemo ba lehodimo bo fupereng pula ka ho bontsha kganya ya letsolo; diabenya kapa kganya ya maru le modumo wa teng nakong tsa pula e hlaha.

    • Tladi
    • Kganya e etswang ke maru a pula nakong ya dipula tsa letsolo. Boemo ba lehodimo bo fupereng pula ka ho bontsha kganya ya letsolo; diabenya kapa kganya ya maru le modumo wa teng nakong tsa pula e hlahafetseng haholo.

    • Tladimothwana
    • Kganya mmoho le modumo o etswang ke maru a pula nakong ya dipula tsa letsolo. Boemo ba lehodimo bo fupereng pula ka ho bontsha kganya e tsamaisanang le letsolo; diabenya kapa kganya ya maru le modumo wa teng nakong tsa pula e hlaha.
  3. Serame
    • Serame
    • Serame ke mohatsela.

    • Phofodi
    • Phofodi ke mohodi o hengwang ke motho kapa o imanehang kgalaseng nakong ya serame.

    • Phoka
    • Metsi a fumanwang ho semela hoseng, haholo nakong tsa motjheso wa Lehlabula kapa Lehwetla.

    • Mohodi
    • Seka mosi sa boemo ba lehodimo se hlahang nakong tsa hoseng kapa nakong tsa dipula kapa tsa serame.

    • Lerothodi
    • Karolo e nyane ya metsi e rothang ho tswa hodimo marung kapa ho tswa hodima ntho e itseng.

    • Lefafatsane
    • Pula e nang hanyane.

    • Pula
    • Metsi a theohang ho tswa hodimo marung.

    • Letsheola
    • Pula e nang letsatsi le tjhabile.

    • Lehlwa
    • Pula hwamisitsoeng ke mohatsela.

    • Leqhwa
    • Metsi a thatafetseng ka lebaka la mohatsela o moholo.

    • Sefako
    • Metsi a pula, seka leqhwa, a hwamisitsweng ke mohatsela wa lehodimo, a bonahalang nakong tsa dipula tse matla tse tsamaisanang le moya kapa sefefo.

    • Mmuane
    • Seka leru se hlahang nakong tsa mongobo wa boemo ba lehodimo mme se nyamele kapelenyana.

    • Mookodi
    • Seka leru se hlahang ha pula e qeta ho na, se nang le mebala e mengata e bakwang ke boemo ba mahlasedi a letsatsi.
  4. Moya
    • Moya
    • Se phefomolwang ke dipuwa kapa se tsamayang lefaufaung kapa moo ho sa bonahaleng kapa se fokang.

    • Setsokotsane
    • Moya o moholo o tsamayang ka ho potapota; moya o dikolohang ha ho tsamaya.

    • Lehodiotswana
    • Setsokotsane se matla haholo se tsamaisanang le moya wa pula e ngata e hoholang dimela, meaho le ntho tse hoholehang.

    • Kganyapa
    • Mofuta wa setsokotsane se matla ka ho fetisisa, se tsamaisanang le pula e kopaneng le moya o fefolang le ho qoqola difate mmoho le ho heletsa meaho.

    • Sefefo
    • Moya o moholo, o matla haholo, o kgonang ho fefola ntho tse boima le ho qoqola difate, marulelo le ho phahamisa metsi a lewatle; moya o bakang tshenyo e kgolo haholo.

    • Lerole
    • Mahlohlojane a masesane a mobu a kgonang ho tsamaya le moya
  5. Maru
    • Leru
    • Boemo ba lehodimo bo fupereng pula, seka mosi; seka mosi se bonahatsang monyetla wa hore pula e ka na ha ho hlaha moya.

    • Molatsitsi
    • Maru a ponahalo e hasaneng, a mona le mane; maru a sa kopanang; boemo ba lehodimo ba maru a pula a qaqohaneng.

    • Kwahela/Thibile
    • Lehodimo le kwahetseng ke le tletseng maru mme le tshepisa hore pula e ka na kapa le tlisa serame.

    • Apoha
    • Lehodimo le apohileng ke le se na leru le le lenyenyane feela mme ho bonahala botala ba lehodimo.

    • Hlwenya
    • Lehodimo le hlwentseng ke le kwahetseng mme ho le hlatsa mmane kgafetsa le paka hore ho tla na pula ya di a duma.