Nako
Nako ka Sesotho e balwa ho latela boemo ba letsatsi. Letsatsi ke lona le fanang ka moelelo wa nako Basothong.
Ka hoo, hlokomela hore nako ya rona ha e tshwane le ya baditjhaba ka hore bosiu le motsheare ha di arolelane nako ka ho lekana.
Nako e arotswe jwana:
- Madungwadungwana Madungwadungwana ke nako eo ka yona bosiu bo welang.
- Meso Meso ke nako ya hoseng eo ka yona kganya e qalang ho ba teng, ke hore ha lefifi le siroha, ho fihlela ha mafube a kganya.
- Matjeke Matjeke ke nako ya hoseng ho tloha ha mafube a hlaha ho fihlela letsatsi le tjhaba.
- Hoseng Hoseng ke nako ya ho tloha mafube a letsatsi a tjhaba ho fihlela letsatsi le qala ho tjhesa.
- Motsheare Motsheare ke nako eo letsatsi le qalang ho tjhesa ka yona ho fihlela le le dihloohong tsa mengala, ke hore motsheare wa lengeta.
- Thapama Thapama ke nako eo letsatsi le qalang ho tloha dihloohong tsa mengala mme le tsamaela Leboya ho ya Leboya Bodikela.
- Mantsiboya Mantsiboya ke nako eo ka yona letsatsi le leng Bodikela mme le se le tla sunya nko mobung, ke hore nako eo letsatsi le seng le tla dikela ka yona. Ho the letsatsi le hlahlamela dithaba ka nako ena.
- Shwalane Shwalane ke nako eo lefifi le aparelang naha ka yona mme ho eba lefifi. Ena ke nako eo ho qetang ho jewa ka yona mme ho badiswang ditshomo ka yona.
- Bosiu Bosiu ke nako ya ho robala mme batho bohle ba isa masapo ho beng.
- Kgitla Kgitla ke nako eo bohle ba ileng le sephume sa boroko, mme ho tsejwa e le baloi feela ba sasankang ka nako ena. Nako ya kgitla e nama ho fihlela dikgoho tsa pele di lla ka meso.
Madungwadungwana ke nako ya ho tloha ho lleng ha dikgoho tsa pele ho fihlela kganya e bonahala. Ena ke nako eo ho tsohuwang ka yona dikobong mme e tsejwa ka hore ke ha dikgoho di theoha dikalaneng.
Meso ke nako eo ho jewang dijo tsa pele tsa letsatsi, e leng thahameso.
Ena ke nako eo bana ba masea ba tsohang ka yona. Ka nako ena letsatsi le ntse le le ka Botjhabela.
Nakong ya hoseng seriti se qala ka ho sheba bophirimela ha letsatsi le sa tswa tjhaba, mme se shebe borwa.le borwa botjhabela ha letsatsi le ntse le phahama.
Motsheare seriti se qala se le borwa botjhabela mme se kgutsufale ha letsatsi le ntse le phahama ho fihlela se le tlasa monga sona ha le le hloohong tsa mengala.
Thapama seriti se qala ho lelefala ho tloha ka tlasa monga sona mme se shebile botjhabela.
Mantsiboya ke nako eo ka yona ho lokiswang dijo tsa mantsiboya, ho beswa mello mme ho qalellwa ho phehuwa.
Mantsiboya a kenyelletsa nako eo letsatsi le qeta ho dikela ka yona empa ho ntse ho kganya. Ena ke nako eo ka yona ho tsholwang ka yona.Mantsiboya seriti se lelefetse mme se shebile botjhabela.
Matsatsi:
- Sontaha
- Mantaha
- Labobedi
- Laboraro
- Labone
- Labohlano
- Moqebelo